Re a o amohela blokong ya bobedi ya bangula moo ha jwale re hlwelang dipuo tse fapaneng tsa semmuso tsa Afrika Borwa le maemo a tsona a ntshetsopele.
Hape bloko e tla hlahiswa ka mokgwa wa diphetolelo ka tshepo ya ho kgothalletsa dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa.
Click here to view the English version
Puo ya Sesotho, hape e tsebahalang ka hore ke Sesotho sa Aforika e ka Borwa, ke karolo ya sehlopha sa dipuo tsa Sesotho, ho kenyelletswa le Sesotho sa Bophirima (Setswana) le Sesotho sa Leboya (Sepedi).Ho ya ka dipalopalo tsa 2011, ke puo e buuwang ke 7.6% ya setjhaba sa naha, kapa batho ba dimilione tse 3.8. Nalane ya batho ba Basotho e kgutlela morao mengwahakgolong ya pele mme e bontsha tjantjello e fetileng e ntseng e ketekwa le kajeno ka puo ya molomo le puo ya dingolwa tsa kajeno.
Ke puo ya Foreisetata, e leng moeding wa mmuso wa Lesotho, naha e potapotilweng ke dinaha tsa Aforika e ka Borwa ka ho phethahala. Sesotho se buuwa ke batho ba 62.6% ba Foreisetata, e leng moo halofo ya batho ba buang Sesotho ba phelang teng. Hape se fumanwa Gauteng, moo se buuwang ke batho ba 11% ba porofensi, e leng ka hodimo ho nngwe borarong (36%) ya batho ba maAforika Borwa ohle a buang Sesotho. Leboya Bophirima se buuwa ke 5.7% ya batho ba phelang moo.
Sesotho se nkwa e le setho sa slopha sa Basotho ba sehlotshwana ba ka Borwa – botjhabela ba leloko la puo ya Batho, e kenyelletsang dipuo tse ka bang 500. Diupo tsa Batho di wela tlasa karolo ya dipuo tsa Benue – Congo ya leloko la dipuo tsa Niger – Congo. Sesotho se amana haholo le Setswana (se tsebahalang ka hore ke Tswana ho ya ka puo ya Sesotho sa Bophirima.) le Sepedi (se tsebahalang ka hore ke Sesotho sa Leboya kapa sa Leboa), e leng dipuo tse pedi tse abelanang ka puo.
Ke puo ya pele ya Aforika Borwa e neng e hatiswe ka mongolo, mme e na le dingolwa tse ngata. Bongodi ba Sesotho bo ne bo qatjwe ke baruti ba lentswe e leng Casalis le Arbousset ba Paris Evangelical Mission, ba neng ba fihle Thababosiu ka 1833. Mongolo wa mantlha o ne o thehilwe hodima mmuo wa Batlokwa, le hoja ho ntse ho ne ho ntse ho na le diphapahano. Mongodi wa mosebetsi wa pele wa Sesotho ke Thomas Mofolo bukeng ya padi hae ya tsebahalang haholo ya Chaka, e neng e phethelwe ka 1910 mme ya phatlalatswa ka 1925, yaba phetoleleo ya pele ya Senyesemane e etswa ka 1930. Buka ena e hlahisa diketsahalo tsa Morena wa Mazulu Shaka wa mehleng ya boholoholo. Mme e mo bontsha e le Morena e moholo empa ya sehloho, ya lekang ho etsa jwalo ka Macbeth ho Shakespeare.
Ntshetsopele ya Puo e Ngotsweng ya Sesotho
Puo ya Sesotho e fetoletswe mokgweng wa mongolo, mme diteboho di lebiswa ho moruti wa lentswe wa Mofora Eugene Casalis, ya neng a fihle naheng ya kajeno ya Lesotho ka 1833. Casalis o ngotse buka ya pele ya tshebediso ya puo ya Sesotho, “Etudes sur la Langua Sechuana,” e ileng ya hlahiswa ka 1841. Mosebetsi wa Casalis o ile wa ntshetswapele ke Moruti A Mabille, ya ileng a ngola lenane la pele le tsebahalang la Puo ya Sesotho mme eo a bileng a ba le boikarabelo ba setsi sa bohatisi sa Morija, Lesotho, se ntseng se le teng le kajeno.
Boiteko ba baruti ba lentswe ba sehlotshwana bo thusitse ho ntshetsapele bongodi ba puo ya Sesotho. Ka 1972, ho ile ha hlahiswa phetolelo ya puo ya Sesotho ya John Bunyane “Pilgrim’s Progress”. Phetolelo ya Bibele ya puo ya Sesotho, e neng e phethwe ke baruti ba lentswe mahareng a mengwahakgolo ya 19, ho sebediswa mmuo wa Bakwena, mme eo e bileng wona o qetelletseng o nkwa e le puo ya Sesotho se nepahetseng se ngolwang.
Puo ya Lapeng ho: 7.6% setjhaba (batho ba 3 849 563le)
Leloko la Puo: Niger-Congo > Atlantic-Congo > Volta- Congo > Benue-Congo > Bantoid > Southern > Narrow Bantu > Central > S group > Sotho-Tswana > Sotho > Sesotho
Mabitso a fetotsweng ho ya ka nalane: Suto, Suthu, Souto, Sisutho, Southern Sotho
Mmuo: Sesotho, Sepedi le Setswana di tsebahala haholo ka tumellano e amanang, empa di nkwa e le dipuo tse fapaneng.
MEHLODI
Statistics SA and Ethnologue
https://en.wikipedia.org/wiki/Sotho_language
http://www.southafrica.info/about/people/language.htm#tshivenda#ixzz4GMraN5uj